You are here

Back to top

Ngwana mahana a jwetswa (Paperback)

Ngwana mahana a jwetswa Cover Image
$9.00
Usually Ships in 1-5 Days

Description


Pale ena e hlahisa phephetso eo batswadi ba kopanang le yona ka malapeng, ha ba hudisa bana ba barwetsana le bahlankana. Bana ba bangata ba na le ho kgeloha ka lebaka la metswalle, Ho sa kgathaletsehe hore ba hlaha malapeng a jwang kapa ba hudisitswe jwang. Ke tjena batswadi ba bangata ba seng ba na leho kgethela bana ba bona metswalle. Hobane ba se ba hlokometse hore batjha ba hlolwa ke thotlolo, Ebile ba rata setumo sa dintho tse hlokang molemo. Ba bang ba susumelletswa dinthong tse mpe ke ho batla hore ba seke ba shebahala eka ke dithotho, E hlahe e le ba bohlale le bona.

Tseko le ena o ile a iphumana a le ka hara mathata, a neng a le haufi le ho mo lahlela tjhankaneng dilemo. Ka lebaka la metswalle e sa lokang, E leng eo mmae kgale a mo kgalemella ho tsamaya le yona. Empa ka lebaka la ho sa mamele o ile a fumana moputso wa hae, Tseo ke ditlamorao tsa ngwana mahana a jwetswa.


Product Details
ISBN: 9798215509128
Publisher: Thabang Tsolo
Publication Date: October 17th, 2022
Pages: 74
Language: Sotho